Lesotho la mehleng ena le seng le bitsoaBasutoland, le hlaheletse le le leng tlasa morenaMoshoeshoe I ka 1822. Moshoeshoe Mora oa Mokhachane, mohale e monyane oa Bakoteli, o qalile hoba khosi ka selemo sa 1804. Pakeng tsa selemo sa 1821 le 1823 baile ba phuthuluha thabeng tsaButha-Buthe, ho kenyelelitsoe le bahale ba mehleng khahlano leLifaqane le mohlabani e moholoShaka Zulu ka selemo sa 1818 le 1828.
Ketsahalong tsa khalekhale ho bonahetse hona le likhohlano pakeng tsa baloaneli ba (British) BRITANI le maDatjha ho ileng hoa baka merusu ho baitseki ba (Cape Colony) ho latela ntoa e bileng teng ka lebaka la maFora le maDatjha, ka (BRITANI) BRITISH ka selemo sa 1795. Le ha ho le joalo ba amahangoa liketsahalong tseo keSenqu le baOrange Free State. Moshoeshoe I o ile a mema batho ho tsoa naheng tse ling ho tla fana ka tšebeletso, eleng Thomas Arbousset, Eugène Casalis leConstant Gosselin ho tsoa Paris ho tla fana ka lentsoe metseng le sebakeng sa Morija ho tlisa tumelo le ho fana ka mesebetsi ea ho ngola ka mochini ka puo eaSesotho pakeng tsa selemo sa 1837 ho isa 1855. Casallis e leng letsoho la phetolo ea puo le mofani oa likeletso naheng tsa machaba. O ile aba le seabo phumantšong ea lithunya khahlanong leEUROPEANS le batho baGRIGUA.
Lesotho lena le palo ea batho ba ka lekanyetsoang ho ba 2,067,000. Lipalopalo tsa batho ba Lesotho li ka balloa ho liporesente tse 25% libakeng tsa litoropong,athe haele metseng le mahaeng ekaba liporesente tse ka bang mashome a supileng le metso e mehlano.
Liletsoa tsa 'mino oa setso tse kenyeletsanglekolulo, eleng mofuta oa seletsoa se letsoang ke bashanyana naheng,setolotolo eleng seletsoa se letsoang ke banna ka melomo oa bona,le seletsoa sa basadi e lengthomo.